Zinkz Dee - Relexa (Lyrics)

[Pre Chorus]
Ska its'osa ka ntho tse nyane moratuwa
Botle ba ngoanana, hase fikara
Sebabatso, kopa u nts'epe ke ba shebile
Ba tlo'ele pelo e ba qete

[Chorus]
Motho waka, relexa
Au hela! Nts'epe relexa
My lovie, relexa
Ha ke khahloe-khahloe feela

Motho waka, relexa
Au hela! Nts'epe relexa
My lovie, relexa
Ha ke khahloe-khahloe feela

[Verse 1]
Darly wee! Ska ts'aba
Mona kea phanda, hake na nako ea banana
Ke nahana zaga, chelete e ngata-ngata
Nkase lahle hae, ho wena kea tla
Plan'eng taohle tsaka hako' lebale, u number one

Le kajeno ntse ke so kholoe, botle ba hau; pelong eaka wa memeza wa thilaza wena
Ene ha u ka sekama kharebe u tsebe nka wela
Hei! Ngoanana, ke ts'ana le letono; hake benya u tsebe kea duma
Banna ba Maluti ke ba shapa ka Pula
Hei! Darly ska wara, kea tla ha re hlaha ba tla bona makhowa

[Chorus]
Motho waka, relexa
Au hela! Nts'epe relexa
My lovie, relexa
Ha ke khahloe-khahloe feela

Motho waka, relexa
Au hela! Nts'epe relexa
My lovie, relexa
Ha ke khahloe-khahloe feela

[Verse 2]
Tseba kea u shoela
Darly, ha ke le siko, tlohella ho stress'a
Ke sa fata melakalati ea lithota, taemane
Nnete ntse ke tlo u khutlela
Ke tla fihla se ke roma bo-malome, ka potlako khomo li tsoe
Re thehe mehala, hle re hlophise
U nkhapile maikutlo, u tlatsitse pelo eaka ka lethabo
Leka se fele lerato hobane ntho'ena ke thapo
Eya hole
Chuchu-makhala e potela thaba, ho ya hole
E kase khaohe nthoena hoba ha re hulane ka tishu, re tiile
Re thata re kopantsoe ka ketane

[Pre Chorus]
Ska its'osa ka ntho tse nyane moratuwa
Botle ba ngoanana, hase fikara
Sebabatso, kopa u nts'epe ke ba shebile
Ba tlo'ele pelo e ba qete

[Chorus]
Motho waka, relexa
Au hela! Nts'epe relexa
My lovie, relexa
Ha ke khahloe-khahloe feela

Motho waka, relexa
Au hela! Nts'epe relexa
My lovie, relexa
Ha ke khahloe-khahloe feela

Official Audio: https://www.musicbox.co.ls/artist/zinkz-dee/single/relaxa-1613714507

Comments

Post a Comment

Popular posts from this blog

Sannere - Ke Holisitsoe Ka Malingoana (Lyrics)

Megahertz ft Shana Bouy_Hangover lyrics

Ntate Stunna - Robari Freestyle (Lyrics)