Sannere - Ke Holisitsoe Ka Malingoana (Lyrics)
[Chorus]
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Ke ngoana peo ea Tlaputle
[Verse 1]
Ha ne ke hlaea, ho no thoe molomong oaka ho tlo lutla pula
Ha nka ka kapela pina seemeng mapepele a tlo nthula
Ha ne ke utsoa pina, beat e ne e le molumo oa sethunya
Ke kahoo u utloang ke iketlile, ke utloa ka qhomane li luma
Ke holisitsoe ke li kheleke, leha ne ke fosa ne li mpinela
Li re "Khutla mekhoeng Letebele, ha u etsa tjena u lo timeee...la"
"Hae oh, oh! Ha u etsa tjena u lo timeee...la"
Seeh!
Haa!
[Chorus]
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Tloholo sa kholu le Mokhachane
Ke ngoana peo ea letlama
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
'Na ke tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
Ke holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
Nkase hloloe ntoeng ea leleme
Ke holisitsoe ka Malingoana
Ke ngoana peo ea Tlaputle
[Verse 2]
Ke holisitsoe ka likhanrula, haeso ba tloaetse melumo
Ha le mpona ke itetse pineng, ke ntse ke phetha thomo
Ho itsoe ke tsebe hore tlhompho ea motho oa monna e lutse moqhakeng oa tlholo
Haeso bokeno bo tla thatafala, seka koriana le marumo
Hai! Hoja Moshoeshoe o ne a ntse a phela, a ka be a nkentse chorus ea mabotho
Kabe ke bina pina tsa likhang, empa kea tseba moo a teng o motlooo...tlo
O lutse letsohong le letona la Ramaseli balimong
Kea tseba moo a teng o motlooo...tlo
Seeh!
O ntsare Sannere joetsa kheleke tsena hore hohaang
[Chorus]
U ka se hloloe ntoeng ea lekeme, uena tholoana ea mali aka
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
U ngoana peo ea letlama
U ka se hloloe ntoeng ea lekeme, uena tholoana ea mali aka
Tloholo sa Kholu le Mokhachane
U ngoana peo ea letlama
Hantle u tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
U holisitsoe ka lifela tse thata holima mekorotlo
Hantle u tseba bokhang ba monna bo bonoa ha ho thijoa lihoboro
U holisitsoe ka lifela tse boima holima mekorotlo
U ka se hloloe ntoeng ea lekeme, uena tholoana ea mali aka
U ngoana peo ea Tlaputla
Official Audio:
Spotify: https://open.spotify.com/track/0TV8dFDyZEIUfzprfp2Qfj
YouTube: https://youtu.be/_jppWim5Hc4?si=dJY3RQON94pwwvkC
Comments
Post a Comment