Low-Voise - Borata Ba pelo Eaka (Lyrics)
[Intro]
Kea tsamaya, kea tsamaya, nna kea tsamaya
[Chorus]
Ndumelleng... keye borata ba pelo yaka
Ntlohelleng... nke kilo hata mabala
Ke hopotse chaba sa thesele, bana ba thari e ntsho (ma'apara kobo)
Ha nka ipo'se ke le hae, haeso Lesotho
[Verse 1]
Kgale ke bua dipuo ke re hane ke le mono nkabe ke... nkabe ke
Nka di tsamaya dibaka empa ha ke na lebala hore hae ke... Botha-Bothe
Kgomo boela haeno jwale o so hodile
Low-Voise kgutlela haeno hobane o sebeditse
Ke leboha Modimo ka lerato leo a mpontshitseng hane ke le matshwenyehong a lefatshe lena...
Ho le lefifi ho sena letho le kgantshitseng
Ke le hole le hae ke le naha thote
Ae maan yeses I wanna forget
How things were like when I got here
Mminong mona ke bae hlotse
O ntseba nou se ntse ke hotse
Mpa fela e le hore o diehile ho ntseba
Haele difela kgale ke di betsa
Di mading, le masapong
Sebile di matha ka hara methapo
Di hlasitse kgetlong lena
Leha ke thimola ke di ntsha ka dinko
[Chorus]
Ndumelleng... Ndumelleng... Ndumelleng
Ntlohelleng... Ntlohelleng... Ntlohelleng
Ha se le ntlohetse le tla bona na nkase none na ha se ke le haeso
Nkabe ntse ke nonne ke qetuwe ke pelo ye e dulang e hlorile e hopotse lapeng
[Verse 2]
Habo Lowy ho monate hle banna
Ne ke itse hao batla ho bona o ikela
O tlohele ho mpotsa moseja ho jwang
Lesotho mfana ke habo metsi
Ke ka hoo ba dulang ba le metsi
Barwetsana ba teng
O lemetse hle keo jwetse haeba ke motho wa pele wa ho jwetsa
Mfelehetse... O mpehe hekeng o bone na o sa tla jika
O lemetse hle ko jwetse haeba o qala ho utlwa Ka nna
Nna Keya lesotho
Ke sa ilo le pota kaofela
Yeah! Yeaaaaah!
Ke batla ho leba Mafeteng, be ke re ka Quthing
Thaba tsela ke nna eo... Kea tla le ka Mzuku
Ke batla ho ya MSU... Maseru... Habo dia tura
Ha nka ipo'se ke le hae, Mabita habo likila
Ha nka ipo'se ke le hae, Leribe habo linare
Ke batla ho leba T.Y, Berea hantle habo Lioli
Ke sa ikela Mokhotlong thialala dithabeng banna
Be ke re Qacha's nek... Kea o jwetsa tla be ke kgotsofetse
_______________
Facebook page: Low-Voise
Contact details: +277 851 958 49
Instagram: Lowy Low-Voise
Twitter: @Zeelow lowvoise
Comments
Post a Comment