Robocop ft Lilaphalapha _ Lilaphalapha (Lyrics)
[Verse 1 - Robocop]
Casca a kopanya beat, ... bashana bana kakapa
Mseja ke khanna ka nkane, ke khitla likoata ke koko matata
Bare rhyme lia ba fahla, thola, ekare ke ntho'a kobo tata
Hake hlaha ba ipata, Lilaphalapha nama holima raka
He-he! Robo o sa bata, a kebe a etsa pina ea fela a sa o roaka
Hae! Mseja kaefela ha e ea mmaka, sotho ke laka le Lilaphalapha
Lona banna ha lena thuso le tlatsa lerata le makapa-kapa
Sotho lena kea le ts'oenya, ke ts'oara barali ke skimme Lehloenya
Madala le Robo ba e senya, re thoathoaretsa ja-ka tolo le benya
Uena ha u bona u tla qala kae? U mpatla sekhotsi hake se batle
Ke skimme Rakhosi, ka choma Madala, natala ra kena uena senae (×2)
[Lilaphalapha]
Ke Lilaphalapha a tsamaea le Robocop. Nna banna ke Lilaphalapha ha nngoe, habeli ke ntho e pela teng.
Ke moshana oaka Berea nka lelekisa thokolosi ea lesofe ka e mathisa mpetleke.
Basali ba sala ba lilietsa kee lelekisa ke e poti-potisa motse ka selopemere, thuoana eona nkeke ka e khona.
Hela! Banna e! Nka supa bochabela hoa luma bophirima.
[Chorus - Robocop]
Joale ke theooele feela, bashana bana ba utloa ka nna
Sotho lena kea le runner, kea ikoalla, mseja kea e khanna
Ke ntate Lilaphalapha, ke khaola likhang ka letlaka
Ke ntate Lilaphalapha, bashana bana ba utloa ka nna
[Verse 2 - Lilaphalapha]
Kea bona lea ts'eha ha le kholoe, ntate Lilaphalapha holima beat
Monna Robocop joetsa mashoto kea repa ene nthoena ke hit
Lona matinyane a makolikotoana, ke ts'oere Robocop oa mohlabani
Ena e tlo tlala Lesotho kaofela, le Jozi rea kena le tla e thiba Mbabane
Mokhoaka ke tjena ha ke batla maloti, ke ts'etsoe ka doom ke ntate moruti
U so ka nahana ha ke betsa karati ka hara Maseru likoata li oele
Ke khanna bohipi, ke khanna bojete, ke Lilaphalapha moshana Berea
Ihlile mokhoaka ke sele, le hlooho ea nku eaka ba e jele
Feela ha hona taba ke noele letsika, ke bohla khemere basali baa nrata
Nameng eaka! Robocop, bashanyana baa baja nama eaka!
Nna nameng eaka monna bashanyana ba tla itlhatsoa mphoru, oa nkutloa na ke reng!
Ke Lilaphalapha ha nngoe, haho ngoana a tlo ja nama eaka ka mo tlohella!
Eseng ke tlo itlhatsoa ke tsoa ha 'Malerato koana ke baba, yeah!
[Chorus - Robocop]
Joale ke theooele feela, bashana bana ba utloa ka nna
Sotho lena kea le runner, kea ikoalla, mseja kea e khanna
Ke ntate Lilaphalapha, ke khaola likhang ka letlaka
Ke ntate Lilaphalapha, bashana bana ba utloa ka nna
[Verse 3 - Robocop]
Mona ke khamisa pheisi, ke tlohetse lisente ke batla liranta
Ke batla le plate ea sekhooa, madala ha u tlooa, seka k'hohloa lebanta
Ena e tlo tlala liradiong, monate ke oa beef stock ka lijong
Re e tlatsa Lesotho to Mamelodi, ebe re e hula Pitori ho ea cho biloni
Robocop le Lilaphalapha, banna sotho lena rea le sheika
Esele li fan ba nts'oere lipene, re u hulants'a fats'e hao feika
Joetsa Mokitimi mono a ska salla, siea Lehloenya le Shorts ntse ba lla
Re hlasele thota re mathe maralla, matala haa palama beat kea e khanna
Bare ke mang? Robo ke moshana sankatana
Bare ke pitsa ha ke spita baa its'eea
Mashoto tlo noke mpetleke bs mathe
Lesotho lena re le jesa boea
Ena ha e lla le tlo khora moea
Baitse ba mpitsa kare aik'hona
Ntate Lilaphalapha baa khona
Comments
Post a Comment